1. Bohlale bo hahile ntlo ya jona ka ditshiya tse supileng tse betlisitsweng hantle.
2. Bo hlabile dikgomo tsa jona, bo tswakile veine, bo tekile le tafole ya jona.
3. Bo romile makgabunyane a jona ho mema, le bona bo eme mahareng a motse, bo a tlerola, bo re:
4. He! ya sethoto ke mang? a fapohele kwano!
5. Le ho ba hlokang kelello bo re: Tloong, le je bohobe ba ka, le nwe le veine eo ke e tswakileng.
6. Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.
7. Ya layang mosomi o ipatlela sekgobo, ya kgalemelang e mobe le yena o ya hlomphollwa.
8. O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.
9. Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.
10. Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; ho tseba Ya halalelang ke hlalefo.
11. Hobane ke ka nna ditshiu tsa hao di tla atiswa, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.
12. Ha o hlalefile, ke wena o tla thuswa ke hlalefo ya hao; empa ha o le mosomi, ke wena o nnotshi o tla senyehelwa.
13. Bowatla ke mosadi ya lerata; ha bo na pelokeletsi, ha bo na tsebo.
14. Bo dula pela monyako wa ntlo ya bona monamong le diphahameng tsa motse,
15. ho howeletsa ba fetang ka tsela, ba tsamayang ka ho loka; bo re:
16. Ya leebelo a fapohele kwano; mme ho sethoto bo re:
17. Metsi a utsuwang a monate, le bohobe bo jewang ka sephiring bo a hlabosa.
18. Athe eo ha a tsebe hobane ke moo bafu ba leng teng, le hoba ba lallang le bona ba mohohlong wa nqalo ya bafu.