Diproverbia 28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.

2. Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.

3. Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe.

4. Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.

5. Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.

6. Mofumanehi ya tsamayang ka bokgabane ba hae o fetisa ya ditsela tse kgopo, leha a ruile.

7. Ya bolokang molao ke ngwana ya hlalefileng, empa ya itlwaetsang manyolonyolo o hlabisa ntatae dihlong.

8. Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.

9. Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.

10. Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.

11. Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello.

12. Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.

13. Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.

14. Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.

15. Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.

16. Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.

17. Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.

18. Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.

19. Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe, empa ya tlwaelang mahlaswa o tla kgora bofuma.

20. Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.

21. Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao.

22. Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.

23. Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang.

24. Ya utswang tsa ntatae le mmae, mme a re, hase molato, ke wa habo basenyi.

25. Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.

26. Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha.

27. Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.

28. Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.