Diproverbia 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.

2. Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.

3. Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.

4. Molomo o motle ke sefate sa bophelo; haele o kgopo, o sohlokanya moya.

5. Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.

6. Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.

7. Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.

8. Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.

9. Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.

10. Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.

11. Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.

12. Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale.

13. Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo.

14. Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana.

15. Ho motho ya hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tshweu ke mokete wa kamehla.

16. Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo.

17. Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano.

18. Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.

19. Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.

20. Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae.

21. Bohlanya ke thabo ho ya se nang kelello; empa motho ya temoho o tsamaya ka ho sasamala.

22. Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.

23. Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!

24. Ho ya masene tsela ya bophelo e nyolosetsa hodimo, e mo phemisa nqalo ya bafu e katlase.

25. Jehova o ripitla ntlo ya baikgohomosi; empa o tiisa mekolokotwane ya tshimo ya mosadi wa mohlolohadi.

26. Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng.

27. Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.

28. Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe.

29. Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.

30. Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho behelwa tse monate ho nontsha masapo.

31. Tsebe e mamelang tayo e pholosang, e tla dula hara bahlalefi.

32. Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.

33. Ho tshaba Jehova ke thuto ya bohlale, mme boikokobetso bo etella kganya pele.