1. Ha o dula ho ya le morena, lemohisisa se beilweng pela hao;
2. o ikgaole mmetso ka thipa, ha o hlotswe ke ho lapa.
3. Se lakatse dijo tsa hae tse hlabosehang; ke bohobe bo thetsang.
4. O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng.
5. O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.
6. O se ke wa ja bohobe ba lekgonatha, o se ke wa lakatsa tse monate tsa lona.
7. Hobane kamoo le nahanang pelong ya lona kateng, le jwalo. Le tla re ho wena: Ja, o nwe; empa pelo ya lona ha e ho wena.
8. Mothamo oo o o jeleng o tla o hlatsa, mme dipolelo tse ntle tsa hao etlaba di lahlehile.
9. O se ke wa bua ha lewatla le utlwa, hobane le ka nyedisa hlalefo ya ditaba tsa hao.
10. O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale, o se ke wa kena tshimong ya dikgutsana;
11. hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele.
12. Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.
13. Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa:
14. o tla mo shapa ka thupa e le wena, o lopolle moya wa hae nqalong ya bafu.
15. Moya wa ka, ha pelo ya hao e hlalefa, pelo ya ka le yona e tla thaba.
16. Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.
17. Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,
18. hobane efela moputso o teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya etswa lefeela.
19. Mamela, wena, mora ka, o hlalefe, o lebise pelo ya hao tseleng eo.
20. O se ke wa tlwaela manwajwala le manyolonyolo;
21. hobane letahwa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; mme ho rata boroko ho apesa motho maharaswa.
22. Mamela ntatao ya o tswetseng, o se ke wa nyedisa mmao, ha a tsofetse.
23. Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.
24. Ntata ya lokileng o tla nyakalla haholo; ya tswetseng ngwana ya bohlale o tla thaba ka yena.
25. A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng.
26. Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.
27. Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng.
28. O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna.
29. Bomadimabe ke ba mang na? Jo nna! Jo nna! ke tsa mang? Dikomang ke tsa mang? Dillo ke tsa mang? Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubedu na?
30. Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng.
31. O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma lefiswaneng, leha e theohela mmetsong hamonate.
32. Ho felleng, e loma jwaloka noha, e hlaba jwaloka marabe.
33. Mahlo a hao a tla tadima diraburabu, mme pelo ya hao e tla bolela tse kgopo;
34. o be jwaloka motho ya robetseng bodibeng ba lewatle, le jwaloka ya robetseng ntlheng ya sefate sa sekepe.
35. Ke hona o tla re: Ba nkotlile, athe ha ke a ka ka utlwa bohloko, ba nkentse maoma, athe ha ke a ka ka tseba! ... ke tla tsoha neng, ke boele ke batle hoo hape?