1. E sa le tsona dipolelo tsa Salomone tse ngodilweng ke batho ba Esekiase, morena wa Juda.
2. Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena.
3. Ho phahama ha lehodimo le ho teba ha lefatshe, le dipelo tsa marena, ha di na ho fuputswa.
4. Ha o tlosa manya silefereng, lelala le tla etsa pitsa ka yona;
5. ha o tlosa molotsana pela morena, terone ya hae e tla tiiswa ke ho loka.
6. O se ke wa ikakasa pela morena, o se ke wa dula ditulong tsa ba baholo.
7. Hobane ho ka ba hotle ha ho ka thwe ho wena: Nyolohela mona; e seng hore ba o kokobetse pela morena eo o mmonang ka mahlo.
8. O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.
9. Leha o tseka le wa heno, o se ke wa phunya lekunutu la e mong,
10. esere mohlomong ya utlwang a o nyatsa, a o apesa ka dihlong tse o kgomarelang.
11. Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.
12. Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.
13. Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.
14. Ya ithorisang ka ho fana ha leshano, o jwaloka maru le moya o fokang, pula e le siyo.
15. Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo.
16. Na o fumane dinotshi? O di je ka tekano, esere mohlomong wa tenwa, mme wa di hlatsa.
17. O se ke wa itlwaetsa haholo lapeng le wa heno, esere mohlomong a tenwa ke wena, a ba a o hloya.
18. Motho ya pakang leshano ho senya wa habo, ke molamu, le lerumo, le motsu o ntjhotjho.
19. Molotsana eo o mo tshepileng mohla tsietsi, ke leino le robehileng le leoto le tetemang.
20. Ho hlobola kobo mohla ho hatsetseng, le ho tshela asene ka letobola, ke ho hlabela pelo e hlomohileng dipina tsa menyaka.
21. Ekare ha sera sa hao se lapile, se fe ho ja bohobe; ha se nyorilwe, o se nee metsi, se nwe;
22. e tla ba mashala a hlenneng ao o a bokellang hloohong ya sona, mme Jehova o tla o putsa.
23. Moya wa leboya o hlahisa pula, mme leleme le sebang le hlahisa sefahleho se halefileng.
24. Ho ikahela ntlheng ya marulelo a ntlo, ho molemo ho ena le ho dula ka tlung e kgolo le mosadi ya omanang.
25. Taba tse monate tse tswang naheng e hole, di jwaloka metsi a phodileng ho motho ya nyorilweng.
26. Sediba se dukehileng, le mohlodi o katehileng, di ka motho ya lokileng ya tetemang pela moetsadibe.
27. Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona.
28. Motho ya hlolwang ke ho busa pelo ya hae, ke motse o kenweng ke dira, o se nang lerako.