Diproverbia 8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ana bohlale ha bo howe na? Le kutlwisiso ha e phahamise lentswe la yona na?

2. Bo eme diphahameng, le ditseleng, le mapatlelong.

3. Ba howa kgotla, pela dikgoro tsa motse, le hara mapatlelo;

4. bo re: Helang! batho ba baholo, ke bitsa lona, mme lentswe la ka le batla lona, bana ba batho.

5. Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.

6. Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng.

7. Hobane leleme la ka le bolela nnete; bokgopo bo manyala molomong wa ka.

8. Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile: ho tsona ha ho na letho le sokameng, le kgelohileng.

9. Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.

10. Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng.

11. Hobane bohlale ke ntho ya bohlokwa ho fetisa diperela, mme tsohle tse hlokolotsi ha di na le ho bapiswa le bona.

12. Nna, bohlale, ke ahisane le masene; tsebo ya dikelello tsa hlalefo e fihlelwa ka nna.

13. Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;

14. keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna.

15. Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka.

16. Babusi ba busa ka nna; ho jwalo le baholo le baahlodi bohle ba lefatshe.

17. Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.

18. Menono le hlompho di ho nna, maruo a sebele le hona ho loka.

19. Tholwana ya ka e monate ho fetisa kgauta, leha e ka ba kgauta e hlwekileng; tse kotulwang ho nna di feta silefera e hlwekileng.

20. Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.

21. Ke ruisa ba nthatang mafa a dintho tse sa feleng, ke tlatsa dipolokelo tsa bona.

22. Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.

23. Ke beilwe borena mehla e eso ho qalehe, lefatshe le eso ho ka le eba teng.

24. Ka hlahiswa mawatle a sa le siyo, le tsona didiba tse kollang metsi a mangata.

25. Ke hlahile dithaba di eso ho ka di thewa, le maralla a sa le siyo;

26. Jehova a eso ho etse lefatshe, le dinaha, leha e le tholenyana ya lerole la lefatshe.

27. Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;

28. mohla a tiisang maru hodimo; mohla a bilosang mehlodi ya madiba;

29. le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.

30. Mehleng eo, ke ne ke le motlatsi wa hae, ke thabile ka matsatsitsatsi, ke nyakaletse pela sefahleho sa hae kamehla;

31. ke ne ke thabela lefatshe la ho aha ha batho; ke thabela le bana ba batho.

32. Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.

33. Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha.

34. Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.

35. Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova.

36. Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.