1. Dipolelo tsa morena Lemuele: kgothatso tseo mmae a kileng a mo ruta tsona.
2. Keng, mora wa ka! keng, mora wa mpa ya ka! Oho ke tla reng, ngwana wa dikano tsa ka?
3. Se neele basadi matla a hao, se latele basadi ba timetsang marena.
4. Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang;
5. esere mohlomong ba lebala molao, mme ba fosisa nyewe ya motshwenyehi e mong le e mong.
6. Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;
7. hore a nwe, a lebale bofumanehi ba hae, a se ke a hlola a hopola bomadimabe ba hae.
8. Molomo wa hao o o ahlamisetse semumu, mme o emele nyewe tsa bohle ba lahlilweng.
9. Ahlamisa molomo, o ahlole ka ho loka, o ahlolele ya madimabe le mofutsana.
10. Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.
11. Pelo ya monna wa hae e a mo tshepa, mme a ke ke a hlokiswa leruo.
12. O mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.
13. O ipatlela boya ba dinku le lene, mme o sebetsa ka matsoho ka thabo.
14. O tshwana le dikepe tsa mohwebi, o lata bohobe ba hae hole.
15. O tsoha e sa le bosiu, o abela ba ntlo ya hae dijo, le makgabunyane a hae mesebetsi.
16. O kgahlwa ke tshimo, a ye a e reke; ka tseo a di sebeleditseng, o hloma tshimo ya merara.
17. O itlama letheka ka matla, mme o matlafatsa matsoho a hae.
18. O thabela leruo la mahlahahlaha a hae; le bosiu lebone la hae ha le time.
19. Matsoho a hae a tshwara thupa ya ho ohla, menwana ya hae e tsamaisa thupa e etsang ditshwele.
20. O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.
21. Ha a tshohe lehlwa bakeng sa ba ntlo ya hae, hobane ba ntlo ya hae bohle ba apere dikobo tse futhumetseng.
22. O itohela diphate tse ntle; ho apara ha hae ke lene le sekarelata.
23. Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba.
24. O etsa masela a lene, o rekisa ka wona, le dinyepa o rekisa ka tsona ho mohwebi.
25. Matla le hlompho ke seaparo sa hae, o tsheha letsatsi la hosasane.
26. O ahlamisa molomo wa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae.
27. O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa.
28. Bara ba hae ba tsoha, mme ba mmitsa ya lehlohonolo. Monna wa hae le yena o a mo rorisa,
29. o re: Baradi ba bangata ba bile kgabane, empa wena, o ba feta bohle.
30. Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.
31. A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse.