Diproverbia 29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.

2. Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.

3. Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae.

4. Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.

5. Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.

6. Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe.

7. Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.

8. Basomi ba butswella mollo motseng; empa ba bohlale ba tima bohale.

9. Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.

10. Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.

11. Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.

12. Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.

13. Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi.

14. Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.

15. Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.

16. Mohla ba babe ba tletseng, bokgopo bo a ata; empa ba lokileng ba tla ba bona ha ba ewa.

17. Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao.

18. Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!

19. Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.

20. O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona.

21. Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.

22. Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.

23. Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.

24. Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho.

25. Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.

26. Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova.

27. Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo.