Diproverbia 22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le yona e fetisa silefera le kgauta.

2. Morui le mofumanehi ba kgahlana hammoho; ya ba entseng ba babedi ke Jehova.

3. Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.

4. Moputso wa boikokobetso le wa ho tshaba Jehova ke leruo, le kganya, le bophelo.

5. Meutlwa le difi di ka tseleng ya motho ya kgopo; ya itisang moya o tla di sesefa.

6. Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.

7. Morui o busa mafutsana, mme ya adimang ke mofo wa eo a adimileng ho yena.

8. Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela.

9. Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.

10. Lelekisa mosomi, mme komang e tla tswa, phapang e dihlong e fele.

11. Ya ratang ho hlweka ha pelo, le ya nang le molomo o motle, ke baratuwa ba morena.

12. Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi.

13. Motho wa sekgoba o re: Tau e teng kantle, nka bolawa mapatlelong.

14. Molomo wa basadi ba diraburabu ke lemena le tebileng; ya manyala ho Jehova o tla wela teng.

15. Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.

16. Ya tubang mofutsana ho eketsa leruo la hae, mme a fana le barui, o tla wela bofumeng ruri.

17. Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka.

18. Ho hotle ha o di boloka pelong ya hao, di ntse di dutse hammoho molomong wa hao.

19. Kajeno ke o rutile, wena ka sebele, hore o bee tshepo ya hao ho Jehova.

20. Na ha ke a ka ka o ngolla ditaba tse molemo, tsa keletso le tsa tsebo,

21. ho o ruta dipolelo tsa nnete, o tle o tsebe ho araba ka nnete ho ba o romileng?

22. O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla;

23. hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.

24. O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang,

25. esere mohlomong wa ithuta mekgwa ya hae, wa fumana leraba le ka tshwasang moya wa hao.

26. O se ke wa ya le ba phathatsanang ka matsoho, ba itlamang ka melato ya ba bang;

27. ba ka inkelang diphate tseo o di robetseng, ha o ka hloka seo o lefang ka sona.

28. O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale o beilweng ke bontatao.

29. Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.