Diproverbia 13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi.

2. Motho o kgoriswa molemo ke tholwana tsa molomo wa hae; empa ba bolotsana bona ba tla ja tshenyeho.

3. Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong.

4. Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.

5. Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso.

6. Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.

7. O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.

8. Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira.

9. Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.

10. Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.

11. Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.

12. Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo.

13. Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.

14. Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu.

15. Motsamao o kgabane wa motho ya molemo o a kgahleha; empa tsela ya ba bolotsana e thata.

16. Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae.

17. Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa.

18. Bofuma le dihlong ke tsa ya hanang ho lauwa; empa ya amohelang kgalemelo o tla hlomphuwa.

19. Takatso ha e phethehile e monate pelong, mme ho furalla bobe ke manyala ho mawatla.

20. Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.

21. Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.

22. Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.

23. Tshimo ya mofutsana e bea dijo tse ngata; tshimo e nngwe e a nyopa ha e ruilwe ke ya hlokang ho loka.

24. Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.

25. Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.