Dipesalema 99 BIBELE (SSO89SO)

Morena ke kgosi e ratang toka

1. Morena ke kgosi,ditjhaba di a thothomela;o dutse hodima dikerubime,lefatshe le a reketla.

2. Morena o moholo, Sione,o okametse ditjhaba tsohle.

3. Ho bokwe lebitso la hao le leholo,le a tshabeha, le a halalela.

4. O kgosi e matla, e ratang toka;ke wena ya theileng ho loka,wa tlisetsa leloko la Jakobotoka le ho loka.

5. Phafang Morena, Modimo wa rona,le itihele bonamelongba maoto a hae:O a halalela.

6. Moshe le Arone e ne e leba bang ba baprista ba hae,Samuele e le e mongwa ba rapelang lebitso la hae.Ba ipiletsa ho Morena,mme a ba araba,

7. a bua le bona a le hara leru;ba boloka ditemoso tsa hae,le ditaelo tseo a ba fileng tsona.

8. Morena Modimo wa rona,o nnile wa ba araba,wa ba Modimo ya ba tshwarelang,ya mpang a ba otlaka baka la bokgopo ba bona.

9. Phafang Morena Modimo wa rona,le mo kgumamele thabeng,thabeng ya hae e halalelang;hobane Morena Modimo wa rona,o a halalela.