Dipesalema 1 BIBELE (SSO89SO)

Tsela ya ba lokileng le tsela ya ba kgopo

1. Ho lehlohonolo mothoya sa lateleng dikeletsotsa ba kgopo,ya sa tsamayengtseleng ya baetsadibe,ya sa duleng mokgatlong wa basomi;

2. a mpa a thabela Molao wa Morena,Molao oo a o nahanamotsheare le bosiu.

3. Eo o jwaloka sefate se hlomilwengpela metsi a nwesetsang,se behang ditholwanaka nako ya tsona,seo mahlaku a sona a sa poneng.Yena o atleha ho tsohletseo a di etsang.

4. Ba kgopo bona ha ba jwalo;empa ba jwaloka mmokoo fefolwang ke moya.

5. Kahoo ba kgopo ba ke keba phema kahlolo,baetsadibe ba ke keba balellwa le ba lokileng;

6. hobane Morena o tseba tselaya ba lokileng,athe tsela ya ba kgopoe isa timelong.