Dipesalema 53 BIBELE (SSO89SO)

Bokgopo ba batho

1. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.

2. Ka pelong sethoto se re:“Ha ho na Modimo.”Diketso tsa batho di bodile,di a nyonyeha,ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

3. Modimo, a le mahodimong,o tadima bana ba batho,ho bona horena ho teng ya utlwisisang,ya batlang Modimo.

4. Bohle ba kgelohile,ba senyehile kaofela;ha ho ya etsang tse ntle,ha ho le ya mong.

5. Na baa bohle ha ba na tsebo,baa ba etsang tse sa lokangbaa ba itjellang setjhaba sa ka,jwalokaha ba eja bohobe,ba sa ipiletse ho Modimo?

6. Jwale ba tla tshoha haholo,ba tshohe kantle ho lebaka,hobane Modimoo tla qhalanya masapo,masapo a ba neng ba o thibeletse.O tla ba hlabisa dihlong,mohla Modimo a ba lahlang.

7. E se eka pholoho ya Iseraelee ka tswa Sione!Mohla Modimo a kgutlisangsetjhaba sa hae,a se kgutlisa bothopuweng,Jakobo o tla nyakalla,Iseraele le yena a thabe.