Dipesalema 104 BIBELE (SSO89SO)

Ho boka Modimo, Mmopi wa tsohle

1. Boka Morena, wena moya wa ka.Morena Modimo wa ka,o moholo hakaakang!O apere tlotla le botlotlehi,

2. o ipopile ka lesedijwalokaha eka ke kobo.O adile mahodimojwaloka lesela la tente,

3. o hahile ntlo ya bokgosi ba haokahodimo ho maru.Maru o a entse kariki ya hao,o fofa ka mapheo a moya.

4. Meya o e entse baromuwa ba hao,mollo wa lehadimamosebeletsi wa hao.

5. O tiisitse lefatshehodima metheo ya lona,le ke ke la sisinyeha ho isa kgale.

6. O le apesitse ka lewatlejwalokaha eka ke ka kobo,metsi a ne a kwahetse dithaba.

7. Yare ha o kgaruma, metsi a baleha;ha letolo la hao le thwathwaretsa,a tutumolotseha;

8. a theohela dikgohlong,dithaba tsa hlaha,a ya moo o a lokiseditseng teng.

9. Wa a sehela moedioo a ke keng a o tlola,hore a se hlolea kwahela lefatshe hape.

10. Wa phallisetsa didiba dinokanengtse tswedipanang hara dithaba;

11. metsi a tsona a nowake phoofolo tsa naha,tonki tsa nahadi itlosa lenyora teng.

12. Nonyana tse fofangdi hahetse pela tsona,di letsa melodidi le makaleng a difate.

13. O nesetsa dithaba pulao le tlung ya bokgosi ba hao,lefatshe le kgotshe ditholwana,tholwana tsa mesebetsi ya hao.

14. O medisetsa diphoofolo jwang,o di medisetsa le dimelahore di sebediswe ke motho,a tle a fumane dijo tsa hae mobung,

15. le veine,ho thabisa pelo ya motho;le ole,fahleho sa hae se be moropotsana,le dijo,ho matlafatsa mmele wa hae.

16. Difate tsa Morenadi nwesetswa ke pula,dikedare tsa Lebanonetse lemilweng ke yena.

17. Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona,mekotatsie e phela hodima difate.

18. Thabeng tse teleleho phela podi tsa naha,diqhobo ke setshabelo sa dipela.

19. O entse kgwediho tshwaya dinako tsa selemo,letsatsi le tseba nako ya lonanako ya ho dikela.

20. O tlisa lefifi, ebe e ba bosiu,dibatana tsa meru ebe di a solla;

21. ditawana di purumelediphofu tsa tsona,di batle dijo tsa tsona ho Modimo.

22. Ha tsatsi le tjhaba di a oroha,ebe di botha dilaong tsa tsona.

23. Motho yenao ikela mosebetsing wa hae,a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya.

24. Morena, mesebetsi ya haoe mengata hakaakang!Tsohle o di entse ka bohlale,lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!

25. Ke leo lewatle, le leholo, le batsi;ka ho lona ho nyeunya dibopuwa,dibopuwa tse se nang palo,dibopuwa tse kgolo le tse nyenyane.

26. Teng dikepe di sesa kahohle,le leruarua leo o le bopetsengho bapalla ka ho lona.

27. Tsohle di lebeletse wena,hore o di fe dijo ka nako e lokelang.

28. Ha o di fa dijo, di a di bokella;ha o fuparolla seatla,di kgora tse molemo.

29. Ha o ipata sefahleho, di a tshoha;ha o di amoha moya wa hao,di a shwa,di boele di kgutlele leroleng.

30. Ha o romela moya wa hao,di a hloleha,mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

31. Tlotla ya Morena e nne e be teng,e be teng kamehla yohle,Morena a ke a thabelemesebetsi ya hae;

32. yena eo ereng ha a tadima lefatshe,lefatshe le thothomele,ha a ama dithaba di foqohe mosi.

33. Ke tla binela Morenaha ke ntse ke phela,ke roke Modimobophelong ba ka bohle.

34. Menahano ya ka e ke e mo kgahle;nna ke thabela Morena.

35. Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng,ba kgopo ba se hlole ba eba teng.Boka Morena, wena moya wa ka.Haleluja!