1. Haleluja!Rorisang lebitso la Morena,mo roriseng,lona bahlanka ba Morena,
2. ba emang ka Tlung ya Morena,mabaleng a Ntlo ya Modimo,Ntlo ya Modimo wa rona.
3. Rorisang Morena,hobane Morena o molemo;rokang lebitso la hae,hobane o a rateha.
4. Morena o ikgethetse,a ikgethela leloko la Jakobo,e leng Iseraele,hore e be leruo la hae.
5. Ruri ke a tsebahore Morena o moholo,Morena wa rona o moholo,o moholo ho medimo yohle.
6. Morena o etsa tsohletseo a di ratang,mahodimong le lefatsheng,mawatleng le madibeng wohle.
7. Ke yena ya nyollang maru,a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe,ya nesang pula ka mahadima,ya bulelang difefomoo a di kwaletseng teng.
8. Ke yena ya ileng a bolaya,a bolaya matsibolo a Egepeta,ho qala ka a bathoho isa ho a diphoofolo.
9. Ho wena Egepeta,o ile a romeladipontsho le dimakatso, ho Farole ho bahlanka bohle ba hae.
10. Ke yena ya ileng a timetsa,a timetsa ditjhaba tse ngata,a bolaya dikgosi tse matla:
11. Sihone, kgosi ya Baamore,le Oge, kgosi ya Bashane,le mebuso yohle ya Kanana.
12. A fana ka naha ya bonahore e be lefa,lefa la Iseraele setjhaba sa hae.
13. Morena, lebitso la haoke la kamehla yohle;Morena, o tla hopolwa,o hopolwe ke meloko yohle.
14. Morena o tla ahlola,a ahlolele setjhaba sa hae,mme a qenehele bahlanka ba hae.
15. Medimo ya bohata ya baditjhabake ya silefera le ya kgauta,ke mosebetsi wa matsoho a batho.
16. E na le melomo, empa ha e bue;e na le mahlo, empa ha e bone.
17. E na le ditsebe, empa ha e utlwe;le ho phefumoloha,ha e phefumolohe.
18. Ba e etsangba ke ba tshwane le yona,ba be jwalo bohle ba e tshepang.
19. Lona, ba ntlo ya Iseraele,bokang Morena;lona ba ntlo ya Arone,bokang Morena;
20. lona ba ntlo ya Levi,bokang Morena;le lona ba tshabang Morena,bokang Morena.
21. Morena a ke a bokwe ke ba Sione,yena ya ahileng Jerusalema.Haleluja!