Dipesalema 136 BIBELE (SSO89SO)

Bokang Morena, hobane o molemo

1. Haleluja!Bokang Morena, hobane o molemo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

2. Bokang Modimo wa medimo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

3. Bokang Morena wa marena;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

4. Ke yena a inotshiya entseng dimakatso tse kgolo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

5. Ke yena ya entseng mahodimo,a a etsa ka bohlale;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

6. O adile lefatshe hodima metsi;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

7. O entse masedi a maholo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle;

8. letsatsi ho busa motsheare;mohau wa hae ke wa kamehla yohle;

9. kgwedi le dinaledi ho busa bosiu;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

10. Ke yena ya ileng a bolaya,a bolaya matsibolo a Egepeta;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

11. A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta;mohau wa hae ke wa kamehla yohle;

12. ka letsoho le matlale sephaka se otlolohileng;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

13. O ile a phatlolaLewatle la Sufe koto tse pedi;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

14. A tshedisa Iseraele hara lona;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

15. A dihela Faro le mabotho a hae,a a dihela Lewatleng la Sufe;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

16. Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba,a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

17. O ile a timetsa dikgosi tse kgolo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

18. A bolaya dikgosi tse matla;mohau wa hae ke wa kamehla yohle:

19. Sihone, kgosi ya Baamore;mohau wa hae ke wa kamehla yohle;

20. le Oge, kgosi ya Bashane;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

21. A fana ka naha ya bonahore e be lefa;mohau wa hae ke wa kamehla yohle;

22. e be lefa la Iseraele,mohlanka wa hae;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

23. Ke yena ya ileng a re hopolaha re ne re kokobeditswe;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

24. A re phamola ho dira tsa rona;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

25. Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

26. Bokang Modimo wa mahodimo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.