Dipesalema 22 BIBELE (SSO89SO)

Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.

2. Modimo wa ka, Modimo wa ka,o ntahletseng?O hole le ho mpholosa,ha o utlwe ho dumaela ha ka.

3. Modimo wa ka,ke ipiletsa le motsheare,empa ha o nkarabe;ke howa le bosiu, ha ke kgutse.

4. Athe wena o a halelela,wena eo Iseraelea o binelang dithoko.

5. Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;ba o tshepa, mme wa ba namolela.

6. Ba nnile ba o llela,mme ba phonyoha;ba o tshepa,mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.

7. Empa nna ke seboko, ha ke motho;ke sekgobo ho bohle,ke nyediswa ke setjhaba.

8. Bohle ba mponang ba a ntshoma,ba nnyekoletsa melomo,ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:

9. “O tshepile Morena!A ke a mo lopolle,a mo pholose haeba a mo rata!”

10. Athe ke wenaya nntshitseng popelong ya mme,wa etsa hore mmea ntshike sefubeng sa hae;

11. ke abetswe wenaho tloha tswalong ya ka,o bile Modimo wa kake sa le popelong ya mme.

12. Se be hole le nna,hobane matshwenyeho a haufi,mme ha ho ya ka nthusang.

13. Dipohwana tse ngata di ntikile,dipoho tsa ditonana tsa Bashanedi mpokanetse;

14. dira di mpetletse meno,jwaloka tau tse purumang,tse harolang.

15. Ke jwaloka metsi a tsholohang,masapo a ka a tswenehile;pelo ya ka e jwaloka tshotso,e qhibidiha ka sefubeng sa ka;

16. mmetso wa kao omeletse jwaloka lengetana,leleme la kale kgomaretse mahalapeng a ka.O nthobaditse leroleng la lefu.

17. Dintja tse ngata di ntikile,sehlopha sa dinokwanese ntikanetse,tsena di ntlepotse maoto le matsoho.

18. Nka bala masapo a ka kaofela.Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;

19. ba arolelana diaparo tsa ka,ba laola aparo sa ka ka lotho.

20. Empa wena Morena,o se be hole le nna;wena, matla a ka,potlakela ho nthusa.

21. Pholosa bophelo ba ka saboleng;ke bona feela,bo pholose marong a ntja.

22. Mpholose ditleneng tsa tau;nna ya fokolangmpholose nakeng tsa dinare.

23. Ke tla tumisa lebitso la haohara bana beso,ke o rorise hara phutheho, ke re:

24. “Lona ba hlomphang Morena,mo roriseng;lona ditloholo tsohle tsa Jakobo,mo tlotliseng;lona ditloholo tsohle tsa Israele,mo tshabeng.

25. “Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng,leha e le ho se tsotellebohlophehi ba hae;ha a a ka a mo patela fahleho sa hae,empa o ile a utlwa ha a mo llela.”

26. Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo,kapele ho ba o hlomphang,ke phethe dikano tsa ka.

27. Ba eisehang ba tla ja, ba kgore,ba batlang Morena ba tla mo rorisa;pelo tsa bonadi ke di thabe kamehla.

28. Lefatshe ka bophara ba lonale hopole Morena,le ke le kgutlele ho yena;merabe yohle ya lefatshe e itihele,e ke e itihele maotong a hae;

29. hobane puso ke ya Morena,mme o rena hodima ditjhaba.

30. Bohle ba nang le matla lefatshengba tla itihela maotong a hae;bohle ba fellang lerolengba tla mo kgumamela.Nna ke tla phelela yena;

31. ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa.Meloko e tlange tla tsebiswa Morena,

32. setjhaba se esong ho tswalwese tla senolelwa ho loka ha hae:Ona ke mosebetsi wa Morena.