1. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2. Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi;faphang Modimo ka mehoo ya thabo.
3. Morena ya hodimodimo o a tshabeha;ke yena kgosi e kgolo,kgosi ya lefatshe lohle.
4. O bea ditjhaba tlasa puso ya rona,merabe katlasa maoto a rona.
5. O re kgethela lefa la rona,bokgabane ba Jakoboeo a mo ratileng.
6. Modimo o nyolohileka mehoo ya thabo,Morena o nyolohile ka modumo,ka modumo wa terompeta.
7. Rokang Modimo, mo rokeng;rokang kgosi ya rona, e rokeng.
8. Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle,mo rokeng ka bokgeleke.
9. Modimo o rena hodima ditjhaba,Modimo o dutse teroneng,teroneng ya hae e halalelang.
10. Mahosana a ditjhabaa bokane hammoho,hore e be setjhabasa Modimo wa Aborahama;hobane babusi ba lefatsheke ba Modimo,mme yenao kahodimodimo ho bohle.