Dipesalema 11 BIBELE (SSO89SO)

Ho tshepa Morena

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.Ke tshabela ho Morena.Keng ha le re ho nna:“Balehela thabengjwaloka nonyana?”

2. Ba kgopo ba se ba huladiqha tsa bona,ba kgwesa metsu ya bona,ba e kgwesa ba le lefifingho fula ba pelo di ntle.

3. Ha metheo e se e heleditswe,ya lokileng a ka etsa eng?

4. Morena o ka tempeleng ya haee halalelang,terone ya Morena e mahodimong.Mahlo a hae a bona bana ba batho,o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.

5. Morena o hlahlobaya lokileng le ya kgopo,ya sehloho yena o mo hloile.

6. Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala,mashala a hlenneng le sebabole,kabelo ya bonae tla ba moya o tukang.

7. Morena o lokile,mme o rata tse lokileng;ba pelo di ntleba tla bona fahleho sa hae.