Jobo 5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Meketsa, Jobo!O a arabelwa ke mang?Hara mangeloio tla ipiletsa ho mang?

2. Sethoto se bolawake ho komakoma ha sona,sehlohwane sonase bolawa ke mona.

3. Ke bone thoto se mela,methapo ya sona e nama;ha ntshi e panya,leaho la sona la newa thohako.

4. Bana ba sonaha ba a sireletswa ke motho,ba robokellwa kgotla,ba hloka manamolela;

5. kotulo ya sonae jewa ke ya lapileng a ituletse,a e honyolleleha e le kahara meutlwa,batupi bonaba nyoretswe leruo la sona.

6. Lerole hase lonamohlodi wa ditlokotsi,tsietsi ha di ke di ropohadi hlaha fatshe;

7. motho ditsietsi o tswalwa a di apere,seka tetemae qhomisetsa ditlhase hodimo.”

Elefase o re Jobo a ipiletse ho Modimo

8. “Hoja ke wenanka be ke ipiletsa ho Modimo,kapele ho Modimoke ipeha ka taba ya ka;

9. yena o etsa dikgolo,mafeta-kutliwisiso-ya-motho,o etsa dimakatso,ntlhokapalo ke boiyane.

10. Lefatshe o le nesetsa pula,pula ya ditlwebelele,metsi a phutsalle,a tlale dithota kahohle;

11. ba eisehanga ba hlwesetse hodima ditlhoro,ba bofifing bona a ba tshedise.

12. O nyopisa merero,bo-ramasene ba e rerile,ba be ba hloke katleho;

13. ka maraba a bonao tshwasa bo-ramasene,maqheka a bona a fetoha lefeela.

14. Ba aparelwa ke lefifitsatsi le ba tjhabetse,ere tadi e anyesaba phothasele seka bosiu.

15. Modimo o namolela mafutsanapuong tse hlabang,a a lopolle matsohong a ba dikgoka;

16. kahoo mafutsana a ruile letshepa,molomo wa bokgopo o a kwaleha,o didimale.”

Kgalemo ya Modimo e tlisa lehlohonolo

17. “Ho lehlohonoloeo Modimo a mo tshwayang phoso,kahoo se nyatseha Ya Matla a o kgalema.

18. Modimo o a hlatha,a be a tlame leqeba;tsoho la hae le a otla,le bile le a fodisa;

19. o tla o phemisa diwadi o hlwele hodimo,ka makgetlokgetlobobe bo ke ke ba o ama.

20. Nakong ya sekobotoo tla o namolela lefung,nakong ya dintwasabole a e thithibanye bohale.

21. O tla sireletswa puongtsa monyefodi,timelo o ke ke wa e tshabaha e fihlile;

22. o tla tsheha timelo le sekoboto,batana tsa fatshe lenao ke ke be wa di tshaba.

23. Majwe a ke ke a o sitisaho lema masimo,batana tsa nahadi tla phela ka kgotso le wena.

24. O tla bona lapa la haole phela ka kgotso,o fumane tsohle tsa haodi ntse di feletse.

25. Bana ba haoo tla bona ba ngatafala,tloholo tsa haodi ata seka jwang naheng.

26. O tla ya lebitlenglemo tsa hao di ngatafetse,jwaloka koro e yang seotlonge se butswitse.

27. “Tsena di fupuditswe,ho fela ho dutse jwalo;di utlwe, o di tsebe,o di fole molemo.”