1. Empa Jobo a araba Sofara, a re:
2. “Ako mamele puo ya ka,o e mamele ka hloko,ho mmamela hooe be ho nketsetsa matshediso;
3. bea pelo,le nna ke bolele tsa ka,ha ke qetileebe jwale o a ntshoma.
4. “Na ebe ke ipelaetsa ho motho?ho hloka mamelloebe ha ke ho lokele?
5. Ntadimeng, le tswe le makala,le thibe melomo ka matsoho a lona.
6. Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha,mmele wa ka wohle o a thothomela.
7. “Ke hobanengha ba kgopo ba phela,ba tsofala, ba bile ba matlafala?
8. Ba bona bana ba bona ba hola,ba bile ba atleha,le tloholo tsa bona ba be ba di bone.
9. Malapa a bona a na le kgotso,a hloka tshabo,kotlo ya Modimoha e eso ba wele hodimo.
10. Poho ya ya kgopo e a katika,ha e ke e lala,thole tsa hae di a tswala,ha di ke di folotsa.
11. Bashanyana ba bona ha ba etswae ka re mohlape,bana ba bona ba a tlola,ba a thalaka.
12. Ba bina melodika moropa le ka harepa,ba thabela ho utlwamodumo wa lekodilo.
13. Bophelo ba bonaba bo qeta ba atlehile,hanghang ba theoheleNqalong ya Bafu.
14. Feela ba re ho Modimo:<Re hlokomolohe!Ha re lakatse ho tsebaditsela tsa hao!
15. Ya Matla wohlere ka mo sebeletsa ha e le mang?Ho mo rapelaebe ho ka re putsa ka eng?>
16. Feela katleho ya bonaha e laolwe ke bona;nna ke thoko le dikeletso,keletso tsa ba kgopo.
17. “Le tingwa hakaelebone la ba kgopo?Koduwa yonae ba wela hodimo hakae,ha Modimo a aba dikotlo a halefile?
18. Ke hakae ba kang diriteha moya o pepetla,ba kang mmokoha sefefo se o fefera?
19. Modimo o isa kotlo tsa mothobaneng ba hae;eka a ka be a otla yena mo-di-etsi,a mo otle le yena a tla ikutlwele.
20. Kotlo eo e mo tlele a e shebile,kgalefo ya Ya Matla wohlea e habole;
21. hoba palo ya kgwedi tsa haeha e fedile,boiketlo ba lapa la haeha a sa bo natsa.
22. Ke mangya ka rutang Modimo bohlale,athe Modimo o ahlolale ba lehodimo?
23. “E mong motho o shwae le sekwankwetla,a kgotsofetse, a bile a iketlile;
24. mmele wa hae o shahlile, o fepehile,moko o tiile ka masapong a hae;
25. e mong o shwa a hlorile moyeng,le boiketlo a sa ka ba bo tseba;
26. ba robala ba bapile roleng la lebitla,bobedi ba bona ba nyeunye diboko.
27. “Ke tseba ya lona mehopolo,le mano ao le ntherelang wonake a a tseba.
28. Le ntse le re:<Lapa la sekwele jwale le kae?Malapa a ba kgopo wona a kae?>
29. Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela?Polelo tsa bona ha le di natse,ha ba re:
30. <Ha koduwa e etlaya kgopo o a pholoswa,tsatsi la kgalefole lona o a le phemiswa?>
31. Ya ka mo nyatsang sefahlamahloke mang?Ketso tsa hae tsonaa ka di ahlolelwa ke mang?
32. Empa o a nkwa, a iswe lebitleng,bitla la hae le lebelwe ka thata.
33. Qubu ya mobu e hodima haeha e mo imele,batho bohle ba koloka kamora hae,kapele ho yenaboiyane bo mo eteletse pele.
34. “Mafeela a lonaa ka ntshedisa jwang?Karabo tsa lonadi tletse thetso!”