Jobo 11 BIBELE (SSO89SO)

Sofara o re Jobo a furalle sebe sa hae

1. Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:

2. “Puo tse ngatangata tseeha di lokele ho arajwa?Ebe motho wa lehehleyena o nepa kamehla?

3. O re batho ba kgutsisweke ho berabera ha hao?Ere o soma,o se kgalemelwe ke motho?

4. O re ho Modimo:<Thuto ya ka e hloka kodi,le mahlong a hao ke hlwekile!>

5. Eka Modimoa ka be a dumela ho bua,a ahlamisa molomo,a ka a bua le wena;

6. a o senolela phiri tsa bohlale ba hae,hore bohlale ba sebelebo mehlahlwe-mengata.Tseba Modimo o a o leballa,o o leballa tse dingtsa tshito tsa hao!

7. “Na o ka tseba phiri sa Modimoka ho fuputsa?Kapa wa fihlela bohlaleba Ya Matla wohle?

8. O ka etsang?Bo phahametse le mahodimo!O ka tsebang?Bo tebile ho feta lebitla!

9. Bolelele ba bonabo feta le ba lefatshe,bophara ba bonabo feta le ba lewatle!

10. “Ha a ka o tshwara,a o isa tjhankaneng,a o qosa ka kgotla,a ka hanyetswa ke mang?

11. Bolotsana ba bathoo bo tseba hantle;ha a bona bokgopo,na a ka kgutsa feela?

12. Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa,jwalokaha petsana tonki,e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.

13. “Empa ha o boelao mo nea pelo ya hao,o otlollela matsoho a hao ho yena;

14. haeba o lahla sebeseo o se kwetlileng,o sa dumelle bobeho phela tlung ya hao;

15. ruri o tla tsebaho tadima motho o se na dihlong,o tsitse hantle, o hloke tshabo.

16. Tsietsi tsa haoo tla di lebala tsohle,o di hopole jwaloka metsiha a sa fetile.

17. Bophelo ba haobo tla hlaka ho feta motsheare,fifi la bonale tshwane le tsatsi le tjhaba.

18. O tla ba sebete,hobane tshepo e teng;o qamake kahohle,o robale o iketlile.

19. O tla ithoballaho se ya ka o tshosang,ba bangataba qekise setswalle sa hao.

20. Empa mahlo a ba kgopo a tla eba,ba hloke le wona monyetlawa ho pholoha,tshepo ya bonae be ya ho neela moya.”