Jobo 14 BIBELE (SSO89SO)

Jobo o re bophelo bo bokgutswanyane

1. “Motho ya tswetsweng ke mosadio phela hakgutshwanyane,bophelo ba haebo aparetswe ke ditsietsi;

2. o fupuha jwaloka palesaa be a pone,o baleha jwaloka seriti,ebe o nyametse.

3. Jwale o tjamela ya jwalo ka eo?O ntlisa kapele ho wenaho nkahlola?

4. Na ya ditshilaa ka tswala ya hlwekileng?Le kgale!Ho ke ke be ha etsahala jwalo!

5. Tshiu tsa motho di badilwe,palo ya kgwedi tsa haee tsejwa ke wena,o mo sehetse moedi,a ke ke be a o tlola.

6. Tlohela ho mo tjamela,a fumane phomolo,nako ya hae e be fetejwaloka ya mohiruwa.

7. “Esita le sefate se na le tshepo:Ha se ka rengwa se tla hlomela hape,makala a sona a ke ke a ba a fela.

8. Leha motso wa sonao ka tsofalla mobung,kutu ya sona ya bolla leroleng,

9. ha se utlwa monko wa metsise tla hloma,se mele makalajwaloka tlama se setjha.

10. Empa motho yena o a shwa,a fellwe ke matla,a neele moya, ebe jwale o kae?

11. “Jwalokaha metsi a letshaa nyamela, a fela,noka e feta, e be e pshe,

12. le motho o a robala,a roballe ruri!Ho fihlela ha mahodimo a fela,batho ba ke ke be ba tsebale ho phaphama,kapa ho tsoswaphumeng sa bona sa boroko.

13. “Eka o ka be o mpataNqalong ya Bafu,o nketsa bofihla,kgalefo ya hao e be e fete!Eka o ka be o mpalla nako,eo ka yona o tlang ho nkgopola!

14. Hoja motho o a shwe,a boele a phele,ke ne nka mamella tlokotsi tsa kaka nako tsohle,ka emela topoloho ya kaya ba ya fihla.

15. O no tla mpitsa, nna ke arabele,o hlolohelwe mmopowa matsoho a hao.

16. Empa jwale mehato ya ka o a e bala,sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;

17. tshita tsa kao di bitiella ka mokotleng,sebe sa kasona o a se kwahela.

18. “Jwalokaha thaba e ye e helehe,e nyamele,le lefika le suthiswetulong tsa lona;

19. jwalokaha metsi a kutlula majwe,phororo le tsonadi baka kgoholedi mobung,le wena tshepo ya mothoo e fedisa jwalo!

20. O mo hlolela ruri, ebe o iketse;o fetola fahleho sa hae,ebe o a mo leleka.

21. Ha bara ba hae ba tlotlwa,yena ha a tsebe le letho,le teng ha ba kokobetswa,yena ha a bone le letho;

22. o utlwa bohlokoba mmele wa hae feela,le ho ngongoreha ha moya wa hae.”