Jobo 17 BIBELE (SSO89SO)

1. “Moya wa ka o tetebetse,matsatsi a ka a kgutsufetse,bitla le lona le nkemetse.

2. Basomi ba mpotapotile,mahlo a ka a tadimile bora ba bona.

3. “Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete,ha ho na e mong ya ka mpakelang;

4. kelello tsa bona o di thithibantse,kahoo o se ka ba ba thusa,ba hlola.

5. Ya ekang motswalleho fumana moputso,bana ba hae ba tla lebellamahlo a ba kgathale.

6. “Ho bohleke se ke fetohile sesomo,fahleho sa ka ba se tshwela kamathe;

7. mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi,ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti.

8. Hona batho ba lokilengba ho makaletse,ba se nang molatoba nyatsa ba kgopo;

9. ya lokilengo tla tiisetsa tseleng ya hae,ya matsoho a hlwekilenga nne a matlafale.”

Jobo a lakatsa eka a ka shwa

10. “Lona bohle boelang le leke hape!Feela hara lonaha ke bone mohlalefi.

11. Matsatsi a ka a fetile,merero ya ka e nyopile;takatso tsa pelo ya kale tsona di nyopile.

12. Bosiu ba bo fetola motsheare,ha ho le lefifi ba re:<Sedi le haufi!>

13. Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu,eba phate tsa ka ke di ala lefifing;

14. haeba ke re ho lebitla:<Ke wena ntate,>ho seboko ke re:<O mme, o kgaitsedi,>

15. ebe jwale tshepo ya ka e tla ba kae?ebe ke mang ya tla e bona?

16. E tla theohela le nna lebitleng,e theohele le nna leroleng.”