Jobo 37 BIBELE (SSO89SO)

Elehu o re Modimo o etsa dikgolo

1. “Fefo sena se thefula methapoya pelo ya ka,ere ha e thanyae be tlohe madulong.

2. Mamedisa ho thwathwaretsaha ntswe la Modimo,o mamele modumoo tswang molomong wa hae.

3. O dumisa letolotlasa mahodimo wohle,hadima la hae le yo fihlapheletsong tsa lefatshe.

4. Lentswe le purumangle latela lehadima,Modimo o pokoselaka ntswe la bohosi ba hae;ha maru a thwathwaretsalehadima ha a le thibele.

5. Ho pokosela ha ntswe la Modimoho a makatsa;o etsa dikgolotse fetang kutlwisiso ya rona.

6. Ho lehlwa o re:<Kgethehela lefatshe!>Ho lefafatsane:<Fetoha ditlwebelele!>

7. Mosebetsi wa motho ka mongo a o emisa,batho bohle ba tsebemosebetsi wa hae.

8. Batana di hohobeladilaong tsa tsona,ebe ka mesimeng ya tsonadi a ipothela.

9. Mamati a tjhankana ya sefefoa petlekilwe,meya e pepetlang e tlisa serame.

10. Ha Modimo a phefumolohaleqhwa le a bopeha,kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.

11. Maru a matshoa dusa pula ya motloporo,ka maru ao,Modimo lehadima o a le hasa.

12. Maru a ntsa phetheselatseleng ya wona,a aparetse lefatshe kahohlehohle,a phetha taelotseo Modimo a di entseng.

13. Modimo a ka nesa pulae le kotlo ho batho,kapa a e nesahore fatshe le be mongobo,kapa a e nesae le supo sa lerato la hae.

14. “Oho, wena Jobo,ako mamele sena:Kgutsa, o ko nahanedimakatso tsa Modimo!

15. Na o tseba kamoo Modimoa laolang maru kateng,le kamoo a etsanghore hadima la hae le tsekeme?

16. Na o tseba kamoo marua tsheheditsweng kateng,le dimakatso tsa eo tsebo ya haee phethehileng?

17. Na o tseba hore aparodi futhumatsa jwangha moya o hlaha borwa,naha e jele boya?

18. Na o ka mo thusaho sarolla mahodimo,mahodimo a bothataba seipone sa lethose?

19. “Re rute hore nare tle re reng ho yena;re sitwa ho rala nyewehobane re lefifing.

20. Na a ka bolellwahore ke rata ho bua le yena?Haeba motho a ka bua,ruri o tla timetswa!

21. “Ho jwalokaha moya o fefera maru,tsatsi le sala mmanameng le kganya,batho ba sitwa ho le tadimake ho ba fahla;

22. le hlaha ka leboya e ka kgauta,tlotla ya Modimoe re kenyetse tshabo.

23. Ya Matla wohlere ke ke ra mo fihlela,o re phahametse ka matlale ka dikahlolo,a ke ke be a sokamisa toka ya hae.

24. Ka baka leo,batho bohle ba a mo tshaba,bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”