Jobo 34 BIBELE (SSO89SO)

Elehu o bontsha ho loka ha Modimo

1. Yaba Elehu o tswela pele, o re:

2. “Lona bahlalefimamelang polelo tsa ka!Lona bo-tsebanyanetheang tsebe le mmamele!

3. Tsebe e hlwaya mantsweha a buuwa,jwalokaha dijodi latsuwa ke mahalapa.

4. A re ikgethelengse lokileng ka borona,a re tsebengka borona se leng molemo.

5. “Jobo o re:<Nna ha ke na molato,empa Modimo o nkamohiletokelo ya ka.

6. Le hoja ke nepile tjenaho thwe ke leshano,le hoja ke se na sebe,qeba la ka le hana ho fola.>

7. “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo?O momorotsa nyefolojwalokaha metsi a nowa;

8. yena o tsamayamokgatlong wa baetsadibe,ba kgopoo tsamaisana tsela le bona;

9. o re: <Motho a ke kea putswa ka letho,leha a leka ho kgahlisa Modimo.>

10. “Lona bahlalefi,mmameleng ke hona:Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea ba a etsa phoso.

11. O putsa mothoho ya ka mesebetsi ya hae,o putsa mothoho ya ka metsamao ya hae.

12. Ruri Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea kgopamisa ho loka.

13. O beilwe ho okamela lefatsheke mang?Fatshe lohle lona le theilweke mang?

14. Haeba e ne le morero wa hae,a busetsa moya wa bophelo ho yena,

15. tsohle tse phelang di ne di tla timela,motho le yena, a kgutlele leroleng.

16. “Ha o le bohlale, ako mamele,polelo tsa ka o di sekehele tsebe!

17. Na ya hloileng toka,ho busa a ka ho tseba?Kapa o ahlola Ya Matla,Ya Lokileng?

18. Yena ya reng ho kgosi:<O motho-dikobo,>ho mahosana:<Lona le balotsana!>

19. Ha a ye ka leemeha a sebeletsa babusi,morui le mofutsanake ditshwantshwang ho yena,kahoba bohle ke mmopowa matsoho a hae.

20. Ka ho panya ha ntshiba shwa le hara bosiu,tjhaba se hlokolehe,bona ebe ba iketse;natla di nyameledi sa angwa ke letsoho la motho!

21. “Mahlo a hae a disitsemetsamao ya batho,mehato yohle ya bathole yona o a e bona.

22. Ha ho na lefifi le letsholetsho,moo baetsadibeba ka tsebang ho ipata.

23. Modimo ha a hlokeho balla batho dinakoho tla kahlolong, kapele ho yena.

24. O thuakanya bo-ramonatlaho se na nyewe,tulong tsa bona ebe o bea ba bang.

25. Ka baka leo,mesebetsi ya bona o a e tseba,ba phetholwa e le bosiu,ebe ba a phetshelwa.

26. Modimo o ba otlelabokgopo ba bona,o ba otlelapontsheng ya batho bohle,

27. hobane ba kgaoditse ho mo latela,ha ba a ka ba natsatsela tsohle tsa hae.

28. Dillo tsa mafutsanaba di fihlisitse ho yena,dillo tsa bahlomohiModimo o a di utlwa.

29. “Haeba a ikgutsetsaa ka nyatswa ke mang?Ha ipata sefahleho,teng a ka bonwa ke mang?O okametse batho le ditjhabaka ho tshwana.

30. O thibela motho ya kgopo ho busa,a mo thibeleha a tjhehela setjhaba maraba.

31. “Haeba mothoa ka re ho Modimo:<Ke ipona molato,nke ke ka sitwa hape;

32. ako nthute tseo ke sa di tsebeng,haeba ke entse bokgoponke ke ka pheta hape;>

33. na o re Modimoa ye ka thato ya hao,athe wena o nyatsa diketso tsa hae?Boikgethelo ke ba hao,hase ba ka,kahoo wena bolelaseo o se tsebang.

34. “Ba nang le kutlwisisoba tla bolela,banna ba bohlale,ba nkutlwang, ba re:

35. <Jobo o ipuela feela a se na tsebo,polelo tsa hae bohlale di a bo hloka.>

36. Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile,hobane o araba sa batho ba kgopo.

37. Dibe tsa haeo di eketsa ka bofetohedi,o etsa nyediso moo re mo utlwang,ka polelo tse ngatao nyedisa Modimo.”