1. Elehu a bua hape, a re:
2. “Na o bona ho nepahetseha o re:<Nna ke lokile ho feta Modimo?>
3. O re ho yena:<Molemo ke ofe oo ke tla o bona?ke tla boellwa kengka ho se etse sebe?>
4. “Jwale nna polelo tsa haoke tla di araba,le tsona tsa metswalle ya hao.
5. Lelalla mahodimong o ke o bone,tadima maru a o phahametseng.
6. Ha o etsa sebeModimo o mo senyetsa eng?Ha o ngatafatsa tshito tsa hao,hoo hona ho mo etsetsa eng?
7. Haeba o lokile o mo nea eng?Kapa o amohela engletsohong la hao?
8. Bokhopo ba haobo senyetsa ba jwaloka wena,ho loka ha haoho thusa ba jwaloka wena.
9. “Batho ba lliswake ho hatellwa haholo,ba llela ho namolelwakgokeng tsa ramonatla.
10. Empa ha ho ya reng:<Modimo, Mmopi wa ka, o kae,ya re kgothatsang ka difela bosiu,
11. ya re rutangho fetisa phoofolo tsa naha,ya re hlalefisangho fetisa nonyana tse fofang?>
12. Leha ba ipiletsa,yena ha a arabe,ka baka la boikakasoba ba etsang bokgopo.
13. Ruri Modimo a ke kea mamela mafeela,Ya Matla wohlea ke ke a a natsa.
14. “A ka o mamela jwang,o re ha o mmone;o re nyewe ya haoe kapele ho yena,wena o so lebeletse yena feela?
15. O ithetsa ka ho rekgalefo ya hae ke mosesetso,esita le bokgopoModimo ha a bo natse.
16. Ka baka lena, Jobo o bua feela,o pepeta haholo,feela a se na tsebo.”