1. Howa jwale! Na e mong o teng ya tla o arabela na? Ke ofe wa bahalaledi eo o tla retelehela ho yena?
2. Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.
3. Nna ke bone lewatla ha le medile metso, empa hang ka tshwanela ho neela ntlo ya lona thohako;
4. bana ba lona ha ba sa na boiketlo, ba hatakelwa dikgorong, ho se ya ba namolelang.
5. Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.
6. Efela kotsi ha e tswe fatshe, mme mahlomola ha a hlomele mobung;
7. motho o tswaletswe maswabi, jwaloka hlase ho qhoma.
8. Hola e le nna, nka be ke ikatametsa ho Modimo, ka beela Modimo taba ya ka;
9. e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.
10. O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong;
11. o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.
12. O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha.
13. O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa.
14. Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.
15. Ya madimabe o mo lokolla jwalo lerumong la melomo ya bona le letsohong la ya matla;
16. tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo.
17. Bona, ho lehlohonolo motho eo Modimo o mo layang! Ha ho le jwalo, o se ke wa nyatsa kotlo ya Ya matla wohle;
18. hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise.
19. O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang.
20. Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo.
21. O tla sireletswa ha ho shapa leleme, ha o ka ke wa tshaba tshenyo ha e ka fihla.
22. O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha;
23. hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.
24. Kahona o tla bona hoba tente ya hao e dutse ka kgotso, mme leha o ka lekola moaho wa hao, o ke ke wa hloka letho.
25. Hape, o tla bona lesika la hao ha le ngatafala, le ditloholo tsa hao ha di ata jwaloka jwang ba naha.
26. O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.
27. Bona, ke tseo re di botsisitseng; di dutse jwalo; o di mamele, o di ele sedi.