1. Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:
2. Mehopolo ya ka, bakeng sena, e tla mponela phetolo, le hona ke sitwa ho itshwara maikutlong a ka.
3. Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo.
4. Na ha o tsebe hoba, esale kgalekgale, haesale motho a bewa lefatsheng,
5. thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?
6. Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung,
7. leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?
8. O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.
9. Le mahlo a kileng a mmona, ha a sa tla hlola a mmona; ditulo tsa hae ha di sa tla boela di mmone.
10. Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae.
11. Masapo a hae a tletse matla a botjha, athe jwale a tla robala le yena leroleng.
12. Leha bolotsana bo ne bo le monate molomong wa hae, mme a bo patile katlasa leleme la hae,
13. a bo bolokile, a hanne ka bona, a bo bolokile mahalapeng a hae,
14. dijo tseo di tla fetoha maleng a hae, e be mahloko a marabe kahare ho yena.
15. O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae.
16. O antse mahloko a marabe, mme leleme la qowane le tla mmolaya.
17. Mahlo a hae ha a sa tla thabela melatswana, leha e le melapo, leha e le dinokana tsa dinotshi le lebese.
18. O tla busetsa ditlatlapilweng tsa hae, a ke ke a di rua. O tla busetsa tse lekanang le tseo a di tlatlapileng, mme ha a sa tla di thabela.
19. Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.
20. Erekaha a sa tsebe ho kgolwa kateng ho yena, o tla sitwa ho pholosa seo a se ratang.
21. Ha ho letho le phonyohang meharong ya hae; ka baka leo, boiketlo ba hae bo ke ke ba tiya.
22. O tla hloka, leha maruo a hae a mo atetse haholo; matsoho a ba tujwang a tla mo wela hodimo.
23. Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.
24. Leha a ka balehela sebetsa sa tshepe, seqha sa koporo se tla mo hlaba.
25. O ya ntsha motsu mmeleng wa hae, tshepe e hadimang e tswe nyokong ya hae; o fedile o tshwerwe ke botshabeho ba lefu.
26. Lefifi le tshabehang e tla be letlotlo la hae; mollo o sa butswelwang ke motho o tla mo tjhesa, o fedise se setseng ka tenteng ya hae.
27. Lehodimo le tla senola bokgopo ba hae, mme lefatshe le tla tsoha ho mo qosa.
28. Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo.
29. Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo.