Jobo 17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse.

2. Efela basomi ba nteetse hare, mme mahlo a ka a bona dihlohloletso tsa bona.

3. Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho?

4. Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa.

5. Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe.

6. O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona.

7. Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela.

8. Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana.

9. Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.

10. Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.

11. Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka eo ke e hopotseng pelong ya ka, merero ya ka e wele fatshe.

12. Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile.

13. Jwale, ke tadimile nqalo ya bafu hoba e tla ba ntlo ya ka; ke adile diphate tsa ka nqalong e lefifi.

14. Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso!

15. Mme jwale, tshepo ya ka e kae? E tla bonwa ke mang e hlahile?

16. E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng.