Jobo 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Phetolo ya bobedi ya Elifase.

1. Elifase wa Themane a fetola, a re:

2. Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?

3. Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na?

4. Ho tshaba Modimo ho wena ke lefeela; mme o fedisa thapelo e etswang ho wona.

5. Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;

6. molomo wa hao ke wona o o tswang, e seng nna; melomo ya hao ke dipaki tse o qosang.

7. Na ke wena motho ya tswetsweng pele? Na o hlahile dithaba di eso ho be teng na?

8. Na o rutehile makunutu a Modimo, mme o ikgapetse bohlale o le mong na?

9. O tseba taba efe eo re sa e tsebeng? O utlwisisa taba efe eo re sa e utlweng?

10. Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo.

11. Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na?

12. Pelo ya hao e o isa kae na? O tona mahlo a hao keng,

13. ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?

14. Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?

15. Bona, ha esitile bahalaledi ba wona o sa ba tshepe, le lehodimo le sa hlweka mahlong a wona;

16. haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi.

17. Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng;

18. e leng se bolelwang ke ba bohlale, seo ba sa kang ba se pata, kamoo ba se nkileng kateng, ho bontata bona;

19. e leng bao naha e neng e le ya bona, ho seng moditjhaba ya kileng a kena hara bona.

20. Motho ya bolotsana o tshwenyeha ka matsatsi wohle a ho phela ha hae; motubi o phela ka tsietsi ka dilemo tsohle tsa hae;

21. mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!

22. O tshaba ho tswa lefifing; lerumo le mo laletse.

23. O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.

24. O tshoswa ke tsietsi le ke mahlomola, di mo tshwere jwaloka morena ya itokiseditseng ho futuha.

25. Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;

26. o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae;

27. o ikwahetse sefahleho ka ho nona ha hae, o bokeletse mafura lethekeng la hae;

28. o ikgaheletse metseng e senyehileng, matlung a se nang baahi, a leng lekgatheng la ho fetoha dithako.

29. A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe.

30. Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona.

31. Leha a ka itshepisa ka bobe, o tla thetseha, etswe moputso wa hae e tla ba bobe.

32. Dilemo tsa hae di eso ho fele, bo tla etsahala; makala a hae ha a sa tla hlola a eba matala.

33. O jwaloka sefate sa morara se lahlang ditholwana tsa sona di sa le tala, le jwaloka mohlwaare o hlohlorang dipalesa tsa wona.

34. Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.

35. O emola maswabi, o tswala bokgopo; sefubeng sa hae ho sebetswa boithetso.