Jobo 25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Phetola ya boraro ya Bildade.

1. Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:

2. O na le mmuso le boholo bo tshabehang, o tiisa kgotso nqalong tse phahamileng tsa wona.

3. Na makgotla a wona a ka balwa na? Mme ke mang ya sa tjhabelweng ke lesedi la wona?

4. Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?

5. Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,

6. ho ka ba jwang ka motho eo e leng kokwanyana feela, le ka ngwana wa motho eo e leng seboko!