1. Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:
2. Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?
3. Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?
4. O re: Seo ke se bolelang ke nnete, mme ke hlwekile pela hao!
5. Hola Modimo o mpa o ne o ka bua, wa ahlamisa molomo wa wona ho bua le wena,
6. ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.
7. Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?
8. Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?
9. Bolelele ba bona bo fetisa lefatshe, bo pharaletse ho feta lewatle.
10. Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?
11. Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.
12. Empa motho ya se nang kutlwisiso, o sitwa ho fihlela kelello, o hlahile jwaloka petsana ya pitsi.
13. Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,
14. ha o ka suthisa bobe pela hao, wa bo hlohlorela hole, o sa lese bokgopo bo ikgahela tenteng ya hao,
15. etlaba moo o tsebang ho emisa hlooho ya hao o se na sekodi; o tla tiya o sa tshabe letho.
16. O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;
17. bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;
18. o tla tiya pelo, hobane tshepo e tla ba teng; moo o neng o hloreha, o tla robala ka boiketlo;
19. phomolong o ke ke wa kgathatswa, ba bangata ba tla phaphatha sefahleho sa hao.
20. Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.