1. Elihu a boela a isetsa polelo pele, a re:
2. Na o hloma hore ke taba e lokileng ha o ipea ya lokileng ho fetisa Modimo na,
3. ha o re: Molemo ho nna e tla ba eng? Seo ke tla se rua ka ho se sebe keng?
4. Ke tla etsetsa wena le metswalle ya hao karabo.
5. Tadima nqa mahodimong, mme o bone; o tadime maru; a phahamile ho fetisa wena.
6. Ha o seba, o ka o etsang kahoo? Leha o ka atisa dibe tsa hao, o o senyeditse kae?
7. Ha o lokile, o o thusitse kang? O ruile eng ka mosebetsi wa hao?
8. Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.
9. Batho ba lla ka dihloriso tsa batubi; ba bokolla tlasa bothata ba marena.
10. Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,
11. o re neang dipina tsa thabo hara bosiu, o re fileng bohlale bo fetang ba diphoofolo, le hlalefo e fetang ya dinonyana tsa lehodimo?
12. Ba fela ba lla, empa Modimo ha o arabe ka baka la boikgohomoso jwa ba babe.
13. Tjhe! Modimo o ke ke wa utlwa dithapelo tsa lefeela, Ya matla wohle a ke ke a di ela hloko.
14. Leha o boletse hore ha o o bone, leha ho le jwalo, nyewe ya hao o pela wona, o o lebelle.
15. Empa kahobane bohale ba wona ha bo eso ho otle, Jobo o hopola hoba ha o re letho ka bobe,
16. mme o ntse a ahlamisa molomo wa hae a se na taba; o ntse a bua ditaba tse sa utlwahaleng.