1. Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho ya lekwa ke Diabolosi.
2. A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa.
3. Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!”
4. A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:“ <Motho a ke ke a phelaka bohobe feela,empa o tla phela le ka poleloe nngwe le e nngwee tswang molomong wa Modimo.> ”
5. Yaba Diabolosi o mo nka a mo isa motseng a halalelang, mme a mmea tlhorong ya Tempele,
6. a re ho yena: “Haeba o Mora wa Modimo, itihele, hobane ho ngotswe, ho thwe:“ <O tla laela mangeloi a hae,mme a tla o kgakeletsa ka diatla,esere leoto la haola kgoptjwa ke lejwe.> ”
7. Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: <O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.> ”
8. Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona,
9. a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.”
10. Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe:“ <O tla kgumamela MorenaModimo wa hao,o sebeletse yena a nnotshi.> ”
11. Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa.
12. Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea.
13. A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali,
14. e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:
15. “Lefatshe la Sebulonele lefatshe la Nafthali,nqa lewatle, mose ho Jorodane,Galelea ya baditjhaba,
16. setjhaba se neng se dutse lefifingse bone lesedi le leholo,mme ba neng ba dutse lefatshengla lefu le lefifingba tjhabetswe ke lesedi.”
17. Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”
18. Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
19. A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”
20. Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
21. Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.
22. Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu.
23. Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
24. Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
25. A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.