Matheu 17 BIBELE (SSO89SO)

Tshobotsi ya Jesu e a fetoha

1. Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing.

2. A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.

3. Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu.

4. Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.”

5. Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”

6. Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo.

7. Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!”

8. Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela.

9. Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”

10. Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?”

11. A ba araba, a re: “Elia o hlile o a tla, mme o tla busetsa dintho tsohle madulong.

12. Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.”

13. Jwale barutuwa ba utlwisisa hore o ne a bua le bona ka Johanne Mokolobetsi.

Phodiso ya moshanyana ya nang le modemona

14. Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena,

15. a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing.

16. Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.”

17. Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”

18. Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.

19. Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?”

20. A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: <Sutha mona, o ye mane,> mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.

21. Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.”

Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae hape

22. Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,

23. mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo.

Jesu o ntsha lekgetho la Tempele

24. Ha ba fihla Kaperenauma, babokelli ba lekgetho la Tempele ba tla ho Petrose, ba re: “Na moruti wa lona o ntsha lekgetho la Tempele?”

25. A re: “E, o a le ntsha.”Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”

26. Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile.

27. Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”