Matheu 2 BIBELE (SSO89SO)

Ketelo ya Ba Bohlale Ba Botjhabela

1. Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,

2. ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”

3. Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela,

4. mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng.

5. Ba re ho yena: “Betlelehema e Judea, hobane ho ngotswe jwalo ke moporofeta, ha a re:

6. “ <Ha e le wena, Betlelehema,e naheng ya Juda,ha o hlile ha o monyenyane haholo,ha o monyenyanehara batsamaisi ba Juda,hobane ho wena ho tla tswamotsamaisi ya tla alosa Iseraele,setjhaba sa ka.> ”

7. Yaba Heroda o bitsa Ba Bohlale bao ka lekunutu, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona,

8. a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”

9. Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng.

10. Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo.

11. Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.

12. Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.

Josefa o balehela Egepeta

13. Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”

14. A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta,

15. mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”

Polao ya masea

16. Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.

17. Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:

18. “Mohoo o utlwahetse Rama:seboko le sello sa mmokotsane;Ragele o llela bana ba hae,mme o hana ho tshediseha,hobane ha ba sa le yo.”

Josefa o kgutla Egepeta

19. Hoba Heroda a shwe, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa, torong, Egepeta,

20. la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”

21. Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele.

22. Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea,

23. a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.