1. Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea,
2. a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”
3. Ke yena ya boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:“Lentswe la ya howang feellengle re:<Lokisang mmila wa Morena,le otlolle ditsela tsa hae!> ”
4. Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.
5. Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena,
6. ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.
7. Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?
8. Bontshang ka diketso hore le bakile,
9. mme le se ke la nahana, la re: <Ntata rona ke Aborahama,> hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana.
10. Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
11. “Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
12. Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
13. Yaba Jesu o fihla nokeng ya Jorodane a etswa Galelea, a tla ho Johanne hore a kolobetswe ke yena.
14. Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?”
15. Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
16. Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae;
17. ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”