1. Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re:
2. “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo? Ha ba hatlele ha ba eja.”
3. A ba araba, a re: “Ho ya kang ha lona, ka baka la ho boulela moetlo wa lona, le tlola taelo ya Modimo?
4. Modimo o itse: <Hlompha ntatao le mmao,> mme hape a re: <Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.>
5. Empa lona le re, ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: <Hona ke mpho ho Modimo,>
6. ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela.
7. Baikaketsi ting! Esaya o porofetile hantle ka lona, ha a re:
8. “ <Setjhaba sena se ntlhomphaka melomo ya sona feela,empa dipelo tsa sonadi hole le nna;
9. se nkgumamella lefeela,empa se ruta dithutotseo e leng ditaelo tsa batho!> ”
10. Jesu a bitsa letshwele, a re ho lona: “Mamelang, le utlwisise!
11. Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.”
12. Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?”
13. A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa.
14. Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”
15. Petrose a re ho yena: “Ako re qaqisetse se bolelwang ke setshwantsho sena.”
16. Jesu a re: “Na le lona le ntse le hloka kutlwisiso?
17. Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng?
18. Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho;
19. hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.
20. Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
21. Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone.
22. Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”
23. Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”
24. Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”
25. Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!”
26. Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.”
27. Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.”
28. Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
29. Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng.
30. Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa.
31. Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.
32. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.”
33. Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”
34. Jesu a ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?” Ba re: “Ke dinkgwa tse supileng le ditlhatswana tse seng kaenyana.”
35. Hoba a laele batho hore ba dule fatshe,
36. a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele.
37. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha ba bokella makumane a setseng ba tlatsa diroto tse supileng tse kgolo.
38. Ba jeleng e ne e le banna ba dikete tse nne, ho sa balwe basadi le bana.
39. Yaba o qhala matshwele, o kena ka sekepeng, o ya naheng ya Magadane.