1. Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi,
2. a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna,
3. mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: <Morena o a di hloka,> mme o tla di lokolla hanghang.”
4. Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:
5. “Bolellang moradi wa Sione:Bona! Kgosi ya hao e tla ho wenae ikokobeditse, e palame tonki,e palame petsana ya tonki.”
6. Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.
7. Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba ala diaparo tsa bona hodima tsona, mme a palama.
8. Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng.
9. Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:“Hosanna ho Mora wa Davida!Ho bokweya tlang ka lebitso la Morena!Hosanna mahodimonga hodimodimo!”
10. Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”
11. Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”
12. Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba.
13. A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:“ <Ntlo ya ka e tla bitswantlo ya thapelo,>empa lona le e etsa<lehaha la dinokwane.> ”
14. Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa.
15. Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
16. Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: <O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?> ”
17. Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.
18. Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile.
19. A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.
20. Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?”
21. Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: <Sutha, o yo wela lewatleng,> hoo ho tla etsahala,
22. mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”
23. Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”
24. Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena.
25. Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?”Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.
26. Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”
27. Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.”A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.
28. “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: <Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!>
29. “A araba, a re: <Ke a hana!> Empa hamorao a ikwahlaya, a ya.
30. “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: <E, ntate, ke tla ya,> empa a se ke a ya.
31. “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?”Ba re: “Ke wa pele.”Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.
32. Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.
33. “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
34. Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.
35. “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.
36. A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo.
37. Qetellong a romela mora wa hae, a re: <Ba tla hlompha mora wa ka.>
38. “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: <Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!>
39. Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya.
40. “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?”
41. Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”
42. Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:“ <Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile lejwe la mantlha;ke Morena ya entseng hona,mme mahlong a rona ke mohlolo>?
43. “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.
44. Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”
45. Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona.
46. Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta.