1. Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime.
2. Yaba ho tsebiswa Jakobo, ho thwe: “Bona, mora wa hao, Josefa, o tlilo o bona.” Iseraele a itiisa, a dula hodima diphate.
3. Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa,
4. a re ho nna: <Bona, ke tla o fa bana ba bangata, ke ba atise, ke o etse raditjhabatjhaba, mme ke tla nea ditloholo tsa hao naha ena, e be leruo la tsona la mehla yohle.>
5. “Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
6. Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona.
7. Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”
8. Ha Iseraele a bona bara ba Josefa, a re: “Baa ke bo-mang?”
9. Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.”Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.”
10. Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.
11. Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”
12. Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.
13. Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae.
14. Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo.
15. Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re:“Modimo ya kgahlisitswengke bo-ntatemoholo,ke bo-ntatemoholo Aborahamale Isaka,ba mo kgahlisaka metsamao ya bona;yena Modimo ya ileng a nkalosa,ho tloha bonyenyaneng ba ka,a nkalosa ho fihlela kajeno.
16. Lengeloi le ntopoletsengbobeng bohle,a hlohonolofatse bahlankana bana!Bitso la ka, le la Aborahama,le la Isaka,a ke a tume,a tumiswe ke bona,ba ke ba ate,ebe letshwele naheng ena.”
17. Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase,
18. mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”
19. Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”
20. Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re:“Baiseraele ba tla hlohonolofatsana,ba hlohonolofatsane ka lona, ba re:<Modimo a ke a ba atlehise,a ba atlehisejwaloka Efraime le Manase.> ”Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.
21. Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.
22. Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”