1. Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo.
2. Morena a ba le Josefa, ya eba monna ya nang le katleho, a phela tlung ya monga hae wa Moegepeta.
3. Monga hae a bona hore Morena o na le yena, le hore o atlehisa tsohle tseo a di etsang.
4. Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.
5. Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong.
6. Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.
7. Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!”
8. Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.
9. Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?”
10. Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena.
11. Ka tsatsi le leng Josefa a kena ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ka tlung eo ho ne ho se na le ya mong wa bahlanka ba lelapa leo.
12. Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo sa hae, a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae matsohong a mosadi, a balehela kantle.
13. Yare ha mosadi a bona hore o siile seaparo sa hae matsohong a hae, o balehetse kantle,
14. a howeletsa bahlanka ba lelapa la hae, a re ho bona: “Bonang, Potifaro o re tliseditse Moheberu ho tla re hlompholla! O kene ka ho nna ka mona ho tla robala le nna, yaba ke howeletsa ka lentswe le phahameng!
15. Ha a utlwa ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sa hae ho nna, a balehela kantle.”
16. Yaba o bea seaparo seo sa Josefa pela hae, ho fihlela monga hae a fihla lapeng.
17. A mmolella wona mantswe ao, a re: “Mohlanka enwa wa Moheberu, eo o re tliseditseng yena, o ile a kena ka ho nna ho tla mpeta,
18. empa eitse hanghang ha ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sena ho nna, a balehela kantle.”
19. Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma.
20. Monga Josefa a mo nka, a mo kenya tjhankaneng, sebakeng seo batshwaruwa ba kgosi ba neng ba kwallwa ho sona, mme a ba moo tjhankaneng.
21. Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.
22. Mookamedi wa tjhankana a bea batshwaruwa bohle ba tjhankaneng tlasa taolo ya Josefa, mme tsohle tse etswang moo di ne di etswa ka taelo ya Josefa.
23. Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.