Tshimoloho 11 BIBELE (SSO89SO)

Tora ya Babele

1. Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang.

2. Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng.

3. Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka.

4. Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”

5. Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang.

6. Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa.

7. A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.”

8. Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo.

9. Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.

Leloko la Sema ho ya fihla ho Tera

10. Lena ke leloko la Sema.Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng.

11. Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.

12. Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela.

13. Hoba Shela a tswalwe, Arepakeshade o ile a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.

14. Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Ebere.

15. Hoba Ebere a tswalwe, Shela o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.

16. Ebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, yaba o tswala Pelege.

17. Hoba Pelege a tswalwe, Ebere o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi.

18. Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Reu.

19. Hoba Reu a tswalwe, Pelege o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi.

20. Reu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, yaba o tswala Seruge.

21. Hoba Seruge a tswalwe, Reu o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi.

22. Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Nakore.

23. Hoba Nakore a tswalwe, Seruge o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.

24. Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, yaba o tswala Tera.

25. Hoba Tera a tswalwe, Nakore o ile a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi.

26. Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, yaba o tswala Aborame le Nakore le Harane.

Leloko la Tera

27. Lena ke leloko la Tera.Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota.

28. Harane a shwa ntatae Tera a sa phela, a shwela naheng eo a tswaletsweng ho yona, e leng Ure ya Bakalatiya.

29. Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka.

30. Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.

31. Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.

32. Ditshiu tseo Tera a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mabedi le metso e mehlano. Tera o ile a shwela Harane.