1. Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!”Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”
2. Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona.
3. Ako nke dibetsa tsa hao hle, le sehlajwa sa hao, le seqha sa hao, o ye naheng, o eo ntsomela phoofolo.
4. Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”
5. Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise.
6. Rebeka a bua le mora wa hae Jakobo, a re: “Ke utlwile ntatao a bua le moholwane wa ha Esau, a re:
7. <Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe.>
8. Jwale, ngwana ka, mamela kamoo ke o laelang kateng.
9. Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang.
10. O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.”
11. Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete.
12. Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.”
13. Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.”
14. Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang.
15. Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.
16. Yaba o thata matsoho a hae, le molala wa hae o lehwete, ka matlalo a dipotsanyane.
17. Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong.
18. Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!”Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”
19. Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”
20. Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?”Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”
21. Yaba Isaka o re ho Jakobo: “Ako atamele hle, ke o phopholetse ngwana ka ke utlwe hore na efela e le wena mora wa ka Esau, kapa tjhe.”
22. Jwale Jakobo a atamela ho ntatae Isaka; yena a mo phopholetsa, mme a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.”
23. A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa.
24. A re: “Na o fela o le mora wa ka Esau?”Jakobo a arabela, a re: “Ke yena!”
25. Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.”Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.
26. Jwale ntatae Isaka a re ho yena: “Atamela jwale, ngwana ka o nkake.”
27. Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re:“Bona, monko wa mora wa kao jwaloka monko wa tshimo,tshimo eoMorena a e hlohonolofaditseng!
28. Modimo a ke a o nee phokaya lehodimo,le monono wa lefatshe,le tjhai ya koro le ya veine.
29. Ditjhaba di ke di o sebeletse,mme merabe e ke e o kgumamele.Eba morena wa bana beno,bana beno ba o kgumamele.Bohle ba o rohakangba ke ba rohakehe,mme bohle ba o hlohonolofatsangba hlohonolofale.”
30. Eitse hoba Isaka a qete ho hlohonolofatsa Jakobo, mme a eso be le motsotswana Jakobo a tswile ka ho ntatae Isaka, moholwane wa hae Esau a fihla ho tswa tsoma.
31. Le yena a pheha nama e hlabosang, mme a e tlisetsa ntatae. Yaba o re ho ntatae: “Ntate, ako tsohe, mme o je nama ya tse tsomilweng ke mora wa hao, o tle ntlhohonolofatse.”
32. Ntatae Isaka a re ho yena: “O mang?”A arabela, a re: “Ke nna mora wa hao, matsibolo a hao, Esau.”
33. Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”
34. Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!”
35. Empa ntatae a re: “Moena wa hao a tlile ka bolotsana, mme o nkile mahlohonolo a hao!”
36. Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”
37. Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”
38. Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.
39. Yaba ntatae Isaka o a arabela, o re ho yena:“Bona, leaho la haole tla ba hole le monono wa lefatshe,le be hole le phoka ya lehodimoe tswang hodimo.
40. O tla phela ka sabole ya hao,mme o tla sebeletsa moena hao,empa ha nako ya ho itokolla e fihla,o tla monyola molala wa haojokong ya hae.”
41. Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”
42. Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.
43. Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane.
44. O hlole le yena ditshiu di se kae, ho fihlela kgalefo ya moholwane wa hao e kokobela.
45. Ha kgalefo ya moholwane wa hao e se e kokobetse, mme a lebetse seo o mo entseng sona, nna ke tla romela motho ho o lata teng. Hobaneng nka shwellwa ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?”
46. Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”