1. Ka mokgwa o jwalo Modimo a qeta ho etsa lehodimo, le lefatshe, le tsohle tse lehodimong, le lefatsheng, le lewatleng.
2. Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.
3. Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.
4. Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa.Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo,
5. ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu.
6. Empa ha nyoloha mohodi lefatsheng, wa kolobisa mobu wohle lefatsheng.
7. Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.
8. Yaba Modimo o lema serapa, Edene, ka nqa botjhabela, mme ho sona a bea motho eo a mmopileng.
9. Serapeng seo Morena Modimo a medisa mefuta yohle ya difate tse kgahlang mahlo, tse monate ha di jewa; bohareng ba serapa a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.
10. Noka e ne e phalla hara Edene, e nwesetsa serapa. Ho tloha moo e ne e arohana, e etsa dinoka tse nne.
11. Noka ya pele e bitswa Pishone; ke yone e phallang, e tswedipana hara naha yohle ya Hafila, moo ho nang le kgauta.
12. Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa.
13. Noka ya bobedi e bitswa Gihone; ke yona e phallang, e tswedipana hara naha ya Kushe.
14. Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese.
15. Morena Modimo a nka motho, a mmea serapeng sa Edene hore a se leme, a se hlokomele.
16. Yaba Morena Modimo o laela motho, o re: “O ka ja difate tsohle tsa serapa ka bolokolohi,
17. empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, sona o se ke wa se ja, hobane mohla o ka se jang, ruri o tla shwa.”
18. Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
19. Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yabo hoo e se e le lebitso la sona.
20. Jwale motho a di rea mabitso; makgomo wohle, le dinonyana tse fofang, le diphoofolo tsohle tsa naha.Empa ha e le motho yena ha a a ka a fumanelwa molekane ya mo thusang.
21. Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona.
22. Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.
23. Yaba motho o re:“Enwa ke lesapo la masapo a ka,le nama ya nama ya ka.o tla bitswa Mosadi,hobane a ntshitswe ho Monna.”
24. Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba tla fetoha ntho e le nngwe.
25. Ka bobedi ba bona monna le mosadi wa hae, ba ne ba sa tena letho, empa ba sa hlajwe ke dihlong.