Dipalo 6 BIBELE (SSO89SO)

Molao wa bakgethwa ba Modimo

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,

3. o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane.

4. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona.

5. “ <Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.

6. Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo.

7. E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae.

8. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, o a halalela ho Morena.

9. “ <Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.

10. Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.

11. Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae.

12. O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa.

13. “ <Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena.

14. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho.

15. A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.

16. “ <Moprista o tla di tlisa kapele ho Morena, a be a mo etsetse nyehelo e tlosang sebe, a mo etsetse le nyehelo ya setjheso.

17. Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino.

18. “ <Mokgethwa o tla beola hlooho ya hae e halalelang, a le monyakong wa Tente ya Morena, mme a nke moriri wa hlooho eo e halalelang, a o akgele mollong o besitsweng katlasa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

19. “ <Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng.

20. Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.

21. “ <Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona.> ”

Tlhohonolofatso ya boprista

22. Morena a bua ho Moshe, a re:

23. “Bua le Arone le bara ba hae, o re: <Ha le hlohonolofatsa bana ba Iseraele, le re ho bona:

24. “ <Morena a le hlohonolofatse,a le baballe.

25. Morena a le bontshesefahleho sa hae se kganyang kgotso,a le hauhele.

26. Morena a le tadime ka lerato,a le nee kgotso.>

27. “Ba tla rapella bana ba Iseraele ka lebitso la ka, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.”