Dipalo 12 BIBELE (SSO89SO)

Lefufa la Arone le Meriama

1. Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.

2. Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena.

3. Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.

4. Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena.

5. Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla.

6. Morena a re ho bona:“Jwale utlwang mantswe a ka:“Haeba ho na le moporofetahara lona,nna, Morena,ke tla itsebisa yena ka pono,ke tla bua le yena ka toro.

7. Ho mohlanka wa ka Mosheha ho jwalo;ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.

8. Ke bua le yena re tadimane,Ke bua ka puo e hlakileng,e seng ka dilotho,yena o bona sebopeho sa ka.Ke ka baka langha le sa tshabe ho bua,le sa tshabe ho bua Moshe,mohlanka wa ka, hampe?”

Meriama o otlwa ka lepera

9. Kgalefo ya Morena ya tlokoma, yaba o a tsamaya.

10. Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera.

11. Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.

12. Meriama a se ke a ba jwaloka sefolotsana se tswang popelong ya mma sona, dinama tse ding tsa sona di jeehile.”

13. Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”

14. Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”

15. Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape.

16. Kamora moo setjhaba sa tswela pele leetong, ho tloha Haserote, mme sa fihla sa hloma diahelo lehwatateng la Parane.