Dipalo 5 BIBELE (SSO89SO)

Teleko ya ba sa hlwekang

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.

3. O leleke banna le basadi; o ba lelekele kathoko ho diahelo, ba tle ba se ke ba silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke phelang hara tsona.”

4. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba lelekela kathoko ho diahelo jwalokaha Morena a ne a buile ho Moshe.

Dinyehelo tsa puseletso

5. Morena a bua ho Moshe, a re:

6. “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato.

7. O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.

8. Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.

9. Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.

10. Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e tla ba tsa moprista; seo motho ofe kapa ofe a se neang moprista, e tla ba sa moprista.> ”

Mosadi ya belaellwang ka ho feba

11. Morena a bua ho Moshe, a re:

12. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae,

13. ka ho feba le monna e mong; leha eba monna eo wa hae a se na bopaki bo lekaneng ba taba eo, hoo ho silafala ha mosadi ho salang ho sa pakahala ka baka la ho hloka paki e mo tshwereng a ntse a feba;

14. kapa haeba motho a hlolwa ke lefufa le etsang hore a belaelle mosadi wa hae, ebang o itshilafaditse kapa tjhe;

15. monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.

16. “ <Moprista o tla fetisetsa mosadi eo kapele, a mo emise kapele ho Morena.

17. O tla tshela metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a tshele le lerole leo a le nkileng fatshe, ka Tenteng ya Morena.

18. Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.

19. Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako.

20. Empa haeba o ile wa etsa phoso ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, eba o silafatse, mme o ile wa feba le monna e mong eo e seng monna wa hao,

21. moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.

22. Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.”“ <Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”

23. “ <Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.

24. Jwale moprista a nwese mosadi eo metsi ao a letswai, a tlisang thohako, hore a kene ka maleng a hae, a mo lomise mala.

25. Ebe moprista o nka nyehelo ya phofo, ya lefufa, e matsohong a mosadi, o e akgotsa kapele ho Morena, ebe o e isa aletareng.

26. A ngwathe phofo eo ya nyehelo ka seatla, e le kgopotso, a e tjhesetse hodima aletare, a nto nwesa mosadi eo metsi ao.

27. Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.

28. Empa haeba mosadi eo a sa silafala, eba o ntse a hlwekile, ha a na ho hlahelwa ke letho, mme o tla nne a belehe.

29. “ <Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;

30. kapa ha moya wa lefufa o kenela monna, hoo a belaellang mosadi wa hae, o tla isa mosadi eo kapele ho Morena, mme moprista o tla phethahatsa molao ona wohle hodima hae.

31. Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae.> ”