Dipalo 24 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.

2. Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,

3. mme a porofeta, a re:“Bileame, mora wa Beore,o porofeta tjena,ho porofeta monnaya mahlo a tjhatsi,

4. ho porofeta monnaya utlwang lentswe la Modimo,ya bonang diponotsa Ya Matla wohle,ya welang fatshemahlo a hae a ntse a bona.

5. “Ditente tsa hao, Jakobo,di kgahleha hakaakang!Diahelo tsa hao, Iseraele,di ntle hakaakang!

6. “Di nametse hole jwaloka dikgohlo,jwaloka masimomabopong a dinoka,jwaloka makgalaa hlomilweng ke Morena,jwaloka fate tsa dikedare pela metsi!

7. Metsi a phalla dinkgong tsa hao,peo ya haee tla ba metsing a mangata,kgosi ya haee tla ba kgolo ho feta Akake,mmuso wa hae o tla phahamiswa.

8. “Modimo ya mo ntshitseng Egepeta,o matla jwaloka nare.O tla hlola ditjhaba,e leng dira tsa hae,a bjabjaretse masapo a tsona,a ba bolaye ka metsuya diqha tsa hae.

9. A borame, a qatjhame jwaloka tau,le jwaloka tauhadi.Ke mang ya tla mo tsosa?“Ya o hlohonolofatsanga hlohonolofatswe,ya o rohakang a rohakwe!”

10. Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo!

11. Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”

12. Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re:

13. <Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue>?

Bileame o porofeta la ho qetela

14. “Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.”

15. Bileame a porofeta, a re:“Bileame, mora wa Beore,o porofeta tjena,monna ya mahlo a tjhatsio a porofeta

16. ho porofeta monnaya utlwang lentswe la Modimo,ya nang le tseboya Ya Hodimodimo;ya bonang diponotsa Ya Matla wohle,ya welang fatshemahlo a hae a ntse a bona.

17. “Ke a mmona,empa e seng hona jwale,ke a mmoha,empa a se haufi le nna:Ho tla ropoha naledie etswa ho Jakobo,ho phahame lere la pusole etswa ho Iseraele;le tla hlathaka bohle ba Moabe,le ripitle bana bohle ba Shete.

18. O tla hapa Edomo, a e rue,Seire, sera sa hae,le yona o tla e rua.Iseraele o tla nne a matlafale,

19. Jakobo o busa dira tsa hae,mme o timetsa masalla a motseng.”

20. Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re:“Amalekesetjhaba sa pele hara ditjhaba,empa qetellong se tla timella ruri.”

21. A tadima Bakene, mme a porofeta, a re:“Leaho la haoke qhobosheane e thata,sehlaha sa haose hahilwe hodima lefika;

22. leha ho le jwalo, lona Bakene,le tla timetswa,Asure e tla le hapa,le be bathopuwa.”

23. Bileame a porofeta hape, a re:“Jo! ke mang ya ka phelangha Modimo a etsa tjee?

24. Empa dikepedi tla tswa lebopong la Kitime,di siye Asure le Ebere e le lesupi,empa qetellongle tsona di tla timela.”

25. Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae.