Dipalo 34 BIBELE (SSO89SO)

Meedi ya naha ya Kanana

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: <Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.

3. “ <Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng.

4. Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.

5. Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle.

6. “ <Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela.

7. “ <Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore;

8. ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.

9. Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya.

10. “ <Ka botjhabela le tla seha moedi wa lona ho tloha Hasere-Enane ho ya fihla Shefame.

11. Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.

12. Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai.“ <Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.> ”

13. Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.

14. Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona.

15. Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”

Mahosana a ikarabellang kabong ya naha

16. Morena a bua ho Moshe, a re:

17. “Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune.

18. Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa.

19. Ana ke mabitso a banna bao:“Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune;

20. morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude;

21. morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone;

22. morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele.

23. Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode.

24. Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane;

25. morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake;

26. morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane;

27. morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi;

28. morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.”

29. Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana.